Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 3:5 - BIBELE

5 Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Empa haeba ho se loke ha rona ho bolela ho loka ha Modimo, re tla reng? A Modimo ha o a loka, o iphetetsang? (Ke bua joalo ka monna.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa haeba ho se loke ha rona ho bolela ho loka ha Modimo, re tla reng? A Modimo ha o a loka, o iphetetsang? (Ke bua joalo ka monna.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 3:5
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka?


Morena ke Modimo ya boulelang, Morena ya phetetsang, Morena o a phetetsa, o tletse kgalefo; Morena o iphetetsa ho ba mo lwantshang, kgalefo ya hae e tlokela dira tsa hae.


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Empa haeba ka leshano la ka, nnete ya Modimo e bonahala ho feta, mme hona ho mo tlotlisa, ke ka baka lang ha ke ntse ke ahlolwa jwaloka moetsadibe?


Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena?


empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.


Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate?


Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba lona ba botho. Jwalokaha le ne le neelane ka ditho tsa lona ho ba makgoba a manyala le a bokgopo, hore le be kgopokgopo, ka mokgwa o jwalo, kajeno neelanang ka ditho tsa lona ho ba makgoba a ho loka hore le tle le halalele.


Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Jwale re tla reng? Re re baditjhaba ba neng ba sa labalabele ho loka ba fumane ho loka, e le ho loka ho tswang tumelong.


Haeba ke lwanne e mahlomafubedu mona Efese ka mabaka a botho feela, ke ruileng ka hoo? Haeba bafu ba sa tsohe, “a re jeng, re inwelleng, hobane hosasane re tla be re shwele.”


Dipolelo tsena hase tsa botho feela, Molao le wona o rialo.


Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,


Bonang, ho swaba hona ho yang kamoo Modimo a ratang kateng, ho le hlahiseditse thahasello e kaakang, le boitshireletso, le kgalefo, le tshabo, le tlholohelo, le tjheseho, le ho ahlola ya molato! Ka mekgwa yohle le bontshitse kamoo le hlokang molato kateng tabeng ena.


Ha ke tsosa tseo ke di heleditseng, ke iketsa motlodi wa molao.


Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.


Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: “Mesebetsi ya hao e meholo, e tsoteha hakaakang, Morena Modimo ya matla wohle! Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Kgosi ya ditjhaba.


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ