Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 3:30 - BIBELE

30 kaha Modimo o mong feela ya tla lokafatsa Bajuda ka tumelo, le baditjhaba ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Hobane Modimo o mong feela, o tlang ho bea ba lebollo ba lokileng ka tumelo, le bona ba sa bollang ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Hobane Modimo o le mong feela, o tla lokafatsa ba lebollo ka tumelo, le maqai ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Hobane Modimo o le mong feela, o tla lokafatsa ba lebollo ka tumelo, le maqai ka tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 3:30
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?


Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.


Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.


Re dumela hore motho o lokafatswa ka tumelo, e seng ka ho phetha Molao.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.”


Jwale mmoelanyi ha a hlokehe ha motho a le mong, mme Modimo o mong.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.”


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.


“Mamela, Iseraele! Morena ke Modimo wa rona, ke yena Morena a le mong feela.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ