Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:17 - BIBELE

17 Jwale wena ya bitswang Mojuda, o tshepile Molao, o ithorisa ka Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bona, o na le lebitso la Mojuda; o tshepile molao; o ithorisa ka Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Bona, o bitswa Mojuda, mme o itshetlehile ka molao, mme o ithorisa ka Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Bona, o bitswa Mojuda, mme o itshetlehile ka molao, mme o ithorisa ka Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:17
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana.


Jesu a re ho yena: “O arabile hantle. Etsa hoo, mme o tla phela.”


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


“Le se ke la hopola hore ke tla le qosa ho Ntate; ya le qosang ke Moshe, eo le mo tshepileng.


Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”


Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: ‘Le tla lokoloha’?”


Lona le etsa diketso tsa ntata lona.” Ba re ho yena: “Ha re a tswalwa ka bohlola; re na le Ntate a le mong, e leng Modimo.”


Wena ya ithorisang ka Molao, na ha o hlompholle Modimo ka ho tlola Molao oo?


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, e seng tumelo. Ba kgopilwe ke lejwe le kgopang,


Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona.


“Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano.


Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho.


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ