Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 2:14 - BIBELE

14 Ha baditjhaba ba sa tsebeng Molao wa Moshe, ba phetha ditaelo tsa Molao ka bobona, bona bao ba sa tsebeng Molao wa Moshe, molao wa bona ke bona ka sebele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 hobane baditjhaba ba se nang molao, ha ba etsa, ka ho itsebela ha bona, taba tseo e leng tsa molao, bona ba se nang molao ba na le molao ka ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane ha baditjhaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho tsa Molao, bao, ba se nang molao, ke molao ho bona ka bobona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane ha baditjhaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho tsa Molao, bao, ba se nang molao, ke molao ho bona ka bobona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 2:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena.


Melokong e fetileng o ile a tlohella ditjhaba tsohle ho latela mekgwa ya tsona.


Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,


Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.


Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.


Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela.


Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.


Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae.


Hape, ho baditjhaba ba seng tlasa Molao wa Moshe, ke bile jwaloka ya seng tlasa Molao oo, hore ke tle ke hape ba seng tlasa wona. Hase ho re ha ke tlasa Molao wa Modimo, ke mpa ke le taolong ya molao wa Kreste.


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.


Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.


“Ke setjhaba sefe se teng, se seholo, se nang le Modimo ya haufi le sona, jwaloka Morena Modimo wa rona, ya bang haufi le rona, kamehla ha re ipiletsa ho yena?


Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ