Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:7 - BIBELE

7 Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ntumedisetseng Andronika le Juniase, batswala ba ka, ba kileng ba tlangwa le nna, mme ba tumile hara baapostola, mme e bile ba pele ho nna ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ntumedisetseng Andronika le Junia, banabeso, le batshwaruwa mmoho le nna, ba tsebahalang hara baapostola, ba bileng ho Kreste pele ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ntumedisetseng Andronika le Junia, banabeso, le batshwaruwa mmoho le nna, ba tsebahalang hara baapostola, ba bileng ho Kreste pele ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:7
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Iseraele o tla pholoswa ke Morena, a mo pholose ka pholoho ya mehla yohle, le ka mohla a ke ke a hlajwa ke dihlong, kapa a tlontloloha kamehla yohle.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona.


Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.


Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.


Dumedisang Apelese, ya bontshitseng botshepehi ba hae ho Kreste. Dumedisang ba lelapa la Arisetobulose.


Dumedisang mohaeso Herodione. Dumedisang ba lelapa la Narekisose, hobane ke ba Morena.


Timothea, eo re sebetsang mmoho le yena, o a le dumedisa; le bahaeso bo-Losiase, le Jasone, le Sosipaterose, ba a le dumedisa.


Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona,


Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo.


Dumedisang Ampelease, motswalle wa ka Moreneng.


Dumedisang Urebanose, eo re sebeletsang Kreste mmoho le yena, le motswalle wa ka Setakuse.


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.


Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.


Ke tseba motho wa Mokreste, eo ho seng ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene a kile a nkelwa lehodimong la boraro. Le haeba e ne e le ka mmele kapa e se ka mmele, ha ke tsebe; ho tseba Modimo.


Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka;


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.


Epafarase, eo re leng ditlamong le yena ka baka la Kreste, o a dumedisa.


Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ