Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:4 - BIBELE

4 ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ba kileng ba ntella dihlooho tsa bona ho mpholosa; mme hase nna feela ke ba lebohang, ba lebohuwa le ke dikereke tsohle tsa baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 ba ipeile dithamo ka baka la bophelo ba ka, bao e seng nna feela ke ba lebohang, empa le dikereke tsohle tsa baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ba ipeile dithamo ka baka la bophelo ba ka, bao e seng nna feela ke ba lebohang, empa le dikereke tsohle tsa baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Ke ntse ke rera koduwa, ke e rerela tjhaba sena, koduwa eo se ke keng sa ba sa e phema. Ha se ka ke sa tsamaya, sa tsamaya ka boikakaso, hobane e tla be e le nako, nako ya tlokotsi.


Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.


e leng banna ba tetseng bophelo ba bona ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste.


A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.


Yaba dikereke di matlafatswa tumelong, mme tsa ngatafala ka letsatsi le leng le le leng.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona,


Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste.


Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo,


Tabeng ya koleke e etsetswang badumedi, le lona le etse jwalokaha ke laetse dikereke tsa Galatia.


E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


Le lona, bana beso, le ile la tshwana le dikereke tsa Modimo tse Judea, tseo e leng tsa Kreste Jesu, hobane le lona le hlokofaditswe ke ba habo lona, jwalokaha le tsona di ile tsa hlokofatswa ke Bajuda.


Yare ha ba tlisa dikgosi tsena ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Baiseraele, a re ho baokamedi ba bahlabani ba neng ba ile le yena: “Tloong, le tlo hata dikgosi tsena melaleng.” Ba tla, ba hata dikgosi tseo melaleng.


Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.


Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ