Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 16:20 - BIBELE

20 Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele. Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Modimo wa kgotso ke wona o tla phakisa o robokele Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 16:20
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona;


“Ke tlabiketse tlhotlelo sa veine ke le inotshi, hara baditjhaba ha ho ya kileng a ba le nna. Ke ile ka ba hatakela ke halefile, ka ba tlabikela ke loloma ke kgalefo; madi a bona a qaphaletsa aparo tsa ka, kobo tsohle tsa ka tsa silafatswa ke madi ao.


Bohle e tla ba dinatla tsa batho, dira tsa bona ba di hatakele, ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng. Ba tla lwana, hoba Morena o a ba thusetsa, bapalami ba dipere ba phasaphase.


Mohla tsatsi leo ke etsang tsena ka lona, le tla hatakela ba kgopo, mme ba tla ba jwaloka molora katlasa maoto a lona,” ho rialo Morena wa mabotho.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho.


Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo!


Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa. Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. A ho be jwalo!


Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona, bana beso. A ho be jwalo!


Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle.


Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.


Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.


Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.


Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ