Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:30 - BIBELE

30 Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale, banabeso, ke a le rapela, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le lona le tle le ntwanele merapelong eo le nketsetsang yona ho Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Jwale, banabeso, ke a le rapela ka baka la Morena Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le nne le ntlafatse le nna merapelong ya lona ho Modimo bakeng sa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Jwale, banabeso, ke a le rapela ka baka la Morena Jesu Kreste, le ka lerato la Moya, hore le nne le ntlafatse le nna merapelong ya lona ho Modimo bakeng sa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.


ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.


Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.


Rona ba phelang, kamehla re kotsing ya ho bolawa ka baka la Jesu, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona e shwang.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.


Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,


Ke yena ya re tsebisitseng tsa lerato leo Moya o Halalelang o le neileng lona.


Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka.


Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.


Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona.


Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ