Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:2 - BIBELE

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Motho ka mong ho rona a kgahlise ngwanabo ka ho mmatlela se molemo ho yena, se ka mo hahisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise moahelani wa hae molemong wa ho mo haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 E mong le e mong wa rona a kgahlise moahelani wa hae molemong wa ho mo haha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.


Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.


jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.


ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa,


Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.


Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.


Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa.


Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe.


hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ