Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 15:1 - BIBELE

1 Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jwale rona ba matla re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra ikgahlisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jwale rona ba matla re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra ikgahlisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 15:1
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.


E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela.


Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo.


Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.


Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.


Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Motho ka mong a se ke a itadimela tsa hae feela, a mpe a tadime le tsa ba bang.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.


Lona bana, ke le ngoletse hobane le tseba Ntate. Lona bo-ntate, ke le ngoletse hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngoletse hobane le matla, mme le bolokile lentswe la Modimo ka ho lona, le bile le hlotse E Mobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ