Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:6 - BIBELE

6 Ya hlomphang letsatsi le itseng o le hlomphela Morena; ya jang tsohle o di jela Morena, hobane o leboha Modimo. Ya sa jeng tsohle ha a di jele Morena, mme le yena e leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”


Ya eba bosiu ba ho lebella Morena ha a ne a tla ba ntsha naheng ya Egepeta; kahoo bosiu bona boo e tla ba bosiu ba ho lebella Morena setjhabeng sohle sa Iseraele, le melokong yohle ya sona.


Moshe a re: “Di jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha sa Morena. Kajeno ha ho letho leo le ka le fumanang naheng.


Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena?


Dipitsa tsohle tse Jerusalema, le tse metseng yohle ya Juda, di tla kgethelwa Morena wa mabotho, mme bohle ba tlilo nyehela ka sehlabelo ba tla nka tse ding tsa dipitsa tsena, ba phehe ka tsona. Mohla tsatsi leo, ha ho sa tla ba Mokanana ka Tempeleng ya Morena wa mabotho.


Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele.


Ba re ho yena: “Re ka etsa eng hore re tle re sebetse mesebetsi ya Modimo?”


Le boloka matsatsi a itseng, le dikgwedi, le dikarolo tsa selemo, le dilemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ