Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:3 - BIBELE

3 Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ya jang a se ke a nyedisa ya sa jeng; mme ya sa jeng a se ke a ahlola ya jang, hobane Modimo o mo amohetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ya jang a se ke a nyedisa ya sa jeng; mme ya sa jeng a se ke a ahlola ya jang, hobane Modimo o mo amohetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke mang ya ka nyedisang letsatsi leo ka lona ho qalwang mesebetsi e fokolang? Batho ba tla nyakalla ha ba bona Serubabele a tshwere ka letsoho la hae kgwele e methang! Mabone ana a supileng ke mahlo a Morena, a thalatsang kahohle lefatsheng.”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho Jesu, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itimang dijo hangata, empa barutuwa ba hao ba sa itime?”


Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:


Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,


Yare Petrose a sa ntse a bua mantswe ana, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba mametseng lentswe.


Baahi ba teng ba re bontsha mosa o moholo. Ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la mohatsela, ba besa mollo, ba re amohela bohle.


Haesita ho furallwa ha sona ho tlisitse poelano ya lefatshe le Modimo, ho amohelwa ha sona ho tla tlisa eng, haese bophelo ho ba shweleng?


Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.


Jwale wena o ahlolelang ngwaneno? Wena o nyedisetsang ngwaneno? Bohle le tla ema kapele ho setulo sa kahlolo sa Modimo,


Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.


Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng.


Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.


Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ