Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 14:14 - BIBELE

14 Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ke a tseba, mme ke kgodisehile ho Morena Jesu hore ha ho letho le ditshila ka botsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke a tseba, mme ke kgodisehile ho Morena Jesu hore ha ho letho le ditshila ka botsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 14:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bona barutuwa ba bang ba hae ba eja dijo ka matsoho a sa hlwekang, ke ho re a sa hatlelwang.


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Empa ya belaelang ha a eja, o ahlotswe, hobane ha a je ho ya ka tumelo ya hae. Tsohle tseo motho a di etsang ntle ho tumelo e jwalo, ke sebe.


Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho,


Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na?


Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse;


Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho,


Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ