Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 13:4 - BIBELE

4 hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Hobane ke mosebeletsi wa Modimo bakeng sa hao bakeng sa molemo. Empa ha o etsa se sebe, o tshabe; gonne ga a tshole tšhaka lefela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane ke mosebeletsi wa Modimo bakeng sa hao bakeng sa molemo. Empa ha o etsa se sebe, o tshabe; gonne ga a tshole tšhaka lefela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 13:4
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


A re ho baahlodi bana: “Hlokomelang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho, empa le ahlolela Morena, ya leng teng ha le ahlola.


Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.


Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle.


Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.


Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.’ ”


Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo, mamelang! Lona babusi ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Tsohle tse lokileng le a di nyedisa, tsohle tse nepahetseng le di sokamise.


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Ebile ke kahoo le ntshang lekgetho, hobane babusi ke bahlanka ba Modimo ba phethang mosebetsi wona oo ka hloko.


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya.


Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho.


kapa tsa babusisi ba beilweng ke kgosi ho otla ba etsang tse mpe, le ho rorisa ba etsang tse ntle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ