Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:19 - BIBELE

19 Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le fe khalefo sebaka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le fe khalefo sebaka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.


O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Bona, ke tla o buella ke be ke o phetetse, mehlodi ya metsi a Babilona ke tla e pshesa, didiba tsa yona di kgaotse ho kopotsa.


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo,


“ ‘O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.


Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;


Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.


Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.


hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


“Lona mahodimo thoholetsang le yena; o phetetsa madi a bahlanka ba hae, o buseletsa ba mo hloileng. O tshwarelwa tjhaba sa hae le naha ya sona.”


Tabeng ena, ho se be ya senyetsang ngwanabo, mme a mo jella ditokelo tsa hae, hobane jwalokaha re se re boletse pele, ra ba ra tiisa, Morena ke yena ya ahlolang tsohle tse jwalo.


Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.


Etswe re tseba ya itseng: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa.” Hape o itse: “Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka.


Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.


Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ