Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 12:17 - BIBELE

17 Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho motho. Etsang lintho tse tšepahalang mahlong a batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Le se ke la busetsa bobe ka bobe ho motho. Etsang lintho tse tšepahalang mahlong a batho bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 12:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a laela hore mekotla ya bona e tlatswe koro; le hore ho kgutlisetswe tjhelete ya e mong le e mong ka mokotleng wa hae; le hore ba fuwe mofao. Ba etsetswa jwalo.


Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela.


O se ke wa re: “Ke tla busetsa molamu sefateng, kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”


siya mpho ya hao moo pela aletare, o yo boelana le ngwaneno pele, o ntano kgutla ho tla nyehela ka mpho ya hao.


Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;


Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.


Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.”


Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ