Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 11:2 - BIBELE

2 Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona, seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang hodima Elia, kamoo a llileng ho Modimo kateng, ka Iseraele, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang ka Elia? kamoo a rapellang ho Modimo kateng, ho Iseraele, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Modimo ha o a lahla setjhaba sa wona seo o se tsebileng pele. Na ha le tsebe seo Lengolo le se bolelang ka Elia? kamoo a rapellang ho Modimo kateng, ho Iseraele, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 11:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Morena a ke ke a furalla tjhaba sa hae, a ke ke a lahla bao e leng lefa la hae.


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Morena o bua tjena: “Haeba mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le metheo ya lefatshe e ka fihlelwa, ke tla furalla ditloholo tsohle tsa Iseraele, ka baka la tsohle, tseo di di entseng,” ho rialo Morena.


Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”


Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’


Jwale Jesu a kgutla nokeng ya Jorodane a tletse Moya o Halalelang, a tsamaiswa ke Moya feelleng,


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?


Yare ha baditjhaba ba utlwa ba thaba, mme ba tlotlisa lentswe la Morena. Bohle ba kgethetsweng bophelo bo sa feleng ba dumela.


tse tsebilweng ho tloha mehleng ya boholoholo.


“Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo.


ba re ho Arone: ‘Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.’


Na ha le tsebe hore ha le ineela motho ho ba makgoba a hae le ho mo mamela, le makgoba a eo le mo mamelang; e bang ke sebe se isang lefung, kapa mamelo e isang ho lokeng?


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.


Kapa ha le tsebe hore badumedi ke bona ba tla ahlola lefatshe? Haeba lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le a lokela ho ahlola ditaba tse fokolang?


Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.


Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe.


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ