Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 10:16 - BIBELE

16 Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa hase bohle ba mametseng Evangeli; jwalokaha Esaia a itse: Morena, ke mang ya dumetseng polelo ya rona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo. Hobane Esaia o itse: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo. Hobane Esaia o itse: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 10:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?


“Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng: “ ‘Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona.


empa ha le dumele, hobane ha le ba mohlape wa ka.


Ba bang ba kgodiswa ke tseo a di buileng, empa ba bang ba se ke ba dumela.


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona,


empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong.


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo?


A ho lebohuwe Modimo, hobane le ne le le makgoba a sebe, empa le mametse ka dipelo tsa lona tsohle mofuta wa thuto eo le e neilweng.


Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste?


Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.


Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.


Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ