Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:28 - BIBELE

28 Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:28
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Ho ya hlwekileng, o hlwekile, empa ho molotsana o masene.


Ba hlorisa eo o seng o mo shapile, ba eketsa bohloko ba eo o mo otlileng.


“Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho se be le tsebo ho fihlela neng? Basomi ba thabele ho soma ho fihlela neng? Thoto di hloye tsebo ho fihlela neng?


Kaha ba hloile tsebo, ba ikgethetse ho se tshabe Modimo;


Ho tshaba Modimo ke qaleho ya tsebo, empa dithoto di nyedisa bohlale, di nyedisa le tayo.


Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Ba tla bitswa silefera e lahlilweng, kahobane Morena o ba lahlile.”


O phela hara batho ba buang leshano, shano la bona le etsa hore ba se ntsebe,” ho rialo Morena.


Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.’


“ ‘Ka ba nea le ditaelo tse sa lokang, le melao e neng e ke ke ya ba phedisa.


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


Ha ke ntse ke itsamaela, mme ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsweng ho yona: ho modimo ya sa tsejweng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


Kgalefo ya Modimo e senotswe e etswa lehodimong, e theohela hodima bohle ba sa hlompheng Modimo, ba sa lokang, ba thibelang nnete ka ho se loke ha bona,


hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.


Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tsa dipelo tsa bona, le ho etsa tse ditshila, tse hlomphollang mmele ya bona.


Ka baka leo, Modimo o ba tloheletse ho phetha ditakatso tse matla, tse hlabisang dihlong. Le basadi ba bona ba sebedisa bosadi ba bona ka mokgwa o hananang le tlholeho.


Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.


le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste.


Ho se be dipolelo tse manyala, tsa bothoto, kapa tsa meswaso e mebe, e leng tse ronehang; ho mpe ho iswe diteboho ho Modimo.


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang,


Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ