Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:23 - BIBELE

23 tlotla ya Modimo ya sa shweng, ba e fetola setshwantsho sa motho ya shwang, kapa sa dinonyana, kapa sa diphoofolo, kapa sa dihahabi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse ditshwantsho tse lekanyang motho ya bolang, le dinonyana le diphoofolo tse maoto a mane, le dihahabi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse setshwantsho se entsweng jwaloka motho ya bolang, le dinonyana, le dibatana, le dihahabi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse setshwantsho se entsweng jwaloka motho ya bolang, le dinonyana, le dibatana, le dihahabi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:23
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang.


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Sebetli sa lehong se lekanya ka kgwele ya sona, se tshwaye moralo wa modingwana ka pene, se sebedise phalo ho betla lehong, ebe se le tshwaya ka ho methang. Jwale ebe se a betla, se etsa tshwantsho sa motho, tshwantsho sa motho ya kgahlehang haholo, se tla bewa ka tlung.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


Yaba ke a kena, mme hohle leboteng ka bona ho entswe ditshwantsho tsa mefuta yohle ya dihahabi, le tsa dibatana tse nyonyehang, le tsa medingwana yohle ya ba ntlo ya Iseraele.


Ka ho lona ho ne ho ena le diphoofolo tsohle tse maotomane, dihahabi tsa lefatshe le dinonyana tse fofang.


“Kaha re le bana ba Modimo, ha re a tshwanela ho hopola hore bomodimo bo tshwana le kgauta, silefera kapa lejwe le betlilweng ka tsebo le ka bohlale ba motho.


Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo!


Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.


“ ‘O se ke wa iketsetsa setshwantsho se betlilweng, leha e le setshwantsho sefe kapa sefe sa ntho e hodimo, lehodimong, kapa e tlase, lefatsheng kapa e metsing, katlase ho lefatshe.


Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.


Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ