Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 1:1 - BIBELE

1 Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 1:1
73 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla.


“Lona dihlekehleke, mmameleng! Lona tjhaba tse hole, utlwang tsena! Morena o mpitsitse ke sa le popelong, mohla ke tswalwang a mpitsa ka bitso la ka.


“Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”


Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.


Jwale Saule, ya bileng a bitswang Paulosi, a tletse Moya o Halalelang, a mo tadimisisa, a re:


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Ha molaodi a mo dumeletse, Paulosi a ema mehatong e nyolohang ya monyako, a phoka setjhaba ka letsoho. Ha ho se ho kgutsitse tuu! a bua le bona ka Seheberu, a re:


“A re ho nna: ‘Eya, hobane ke tla o roma hole, ditjhabeng!’ ”


Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


Yare hoba bohle re wele fatshe, ka utlwa lentswe le re ho nna, ka Seheberu: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na? Ho thata ho wena ho raha ditsenene!’


Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona,


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.


Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,


Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona,


Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena?


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:


Empa ha ke kgolwe hore baapostolahadi bao ba mpheta ka letho.


Na ke ile ka etsa phoso ha ke ikokobetsa hore lona le phahamiswe, mme ke le boleletse molaetsa o molemo wa Modimo, ke sa le lefise?


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


Yare ha ke fihla Terowase, moo ke neng ke ilo bolela molaetsa o molemo wa Kreste teng, ka fumana Morena a se a mpuletse tsela.


Ha re ipoledise, re mpa re bolela hore Jesu Kreste ke Morena, le hore rona re basebeletsi ba lona ka baka la Jesu.


Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung,


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.


Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:


mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea ngwanabo rona,


Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Kamoo re le ratang kateng, ha re a ka ra ikemisetsa ho abelana le lona molaetsa o molemo feela, empa re ile ra ikemisetsa le ho le tella le bona bophelo ba rona, hobane re le rata haholo.


Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.


Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.


Modimo o nkgethetse ho ba sebohodi, le moapostola, le moruti wa molaetsa o molemo oo.


Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,


Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Nna Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke dumedisa ba meloko e leshome le metso e mmedi, e qhalakaneng hohlehohle.


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:


Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re:


Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi.


Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane.


Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ