Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 9:25 - BIBELE

25 Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 e seng hore a iketse pheko hangata, jwaloka moprista e moholo ha a kena sehalaledisisong ka selemo se seng le se seng, a tshwere madi ao e seng a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Leha e le hore a iketse sehlabelo hangata, jwalokaha moprista e moholo a kena sehalalelong ka selemo se seng le se seng ka madi a e seng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Leha e le hore a iketse sehlabelo hangata, jwalokaha moprista e moholo a kena sehalalelong ka selemo se seng le se seng ka madi a e seng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 9:25
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”


Ke ka thato eo re halaleditsweng ka nyehelo ya mmele wa Jesu Kreste, e entsweng hanngwe feela.


Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu.


O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ