Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 9:23 - BIBELE

23 Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Efela ho ne ho tshwaneleha hore dintho tse tshwantshang tse lehodimong di hlatsuwe ka mokgwa oo, empa haele tsa lehodimo di ne di tshwanela ho hlatsuwa ka mahlabelo a fetisang ao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Ka baka leo, ho ne ho loketse hore ditshwantsho tsa dintho tse lehodimong di hlwekiswe ka tsona; empa lintho tsa leholimo tsona li na le mahlabelo a molemo ho feta ana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ka baka leo, ho ne ho loketse hore ditshwantsho tsa dintho tse lehodimong di hlwekiswe ka tsona; empa lintho tsa leholimo tsona li na le mahlabelo a molemo ho feta ana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 9:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


Ka baka lena lona, mmoho le lekgotla, bolellang molaodi wa ba sekete hore a mo theole, a mo tlise ho lona, e ke hoja le tlilo hlahlobisisa taba ya hae hantle; rona re se re itokiseditse ho mmolaya a eso fihle mona.”


Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.


Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.


etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ