BaHebheru 9:15 - BIBELE15 Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT15 Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202415 Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.