Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 7:27 - BIBELE

27 O ne a se jwaloka Baprista ba bang ba Baholo, ba neng ba hloka ho nyehela ka mahlabelo ka matsatsi wohle, pele e le ka baka la dibe tsa bona, e ntano ba tsa setjhaba. Jesu o ile a nyehela ka sehlabelo se le seng, hanngwe feela, ha a inyehela ka boyena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ke yena ya sa batleng ho hlahisa mahlabelo ka tsatsi le leng le le leng, jwaloka baprista ba baholo, pele ka baka la dibe tsa hae, e ntano ba tsa tsa setjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ke yena ya sa batleng ho hlahisa mahlabelo ka tsatsi le leng le le leng, jwaloka baprista ba baholo, pele ka baka la dibe tsa hae, e ntano ba tsa tsa setjhaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 7:27
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.


“Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, mme ka yona a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae. O tla hlaba pohwana eo ya hae e le nyehelo e tlosang sebe.


“Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.


“Arone o tla tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya hae, a iketsetse tefelo ya sebe le ba lelapa la hae.


Ho shweng ha hae, o shwele hanngwe feela ka nqeng ya sebe, empa ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.


Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe.


Kaha le yena a fokola, o tshwanetse ho nyehela ka mahlabelo ka baka la dibe, e seng tsa setjhaba feela, empa le ka baka la tsona tsa hae.


Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe.


O kene hanngwe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka madi a diphooko kapa a manamane, empa a nkile madi a hae ka sebele, mme a re fumanela topollo e sa feleng.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.


Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ