Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 7:26 - BIBELE

26 Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 7:26
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena.


O na hopoletswe ho epelwa mabitleng a ba kgopo, le hoja a ne a eso ka a etsa phoso, le leshano le eso tswe molomong wa hae; empa ha a sa shwele a epelwa bitleng la morui.


mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Ka letsatsi la bohlano le tla nyehela ka dipohwana tse robong, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, tse se nang sepha.


O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.


Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.


Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.


A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”


Rona re hlile re ahlotswe ka toka, hobane re amohela moputso wa diketso tsa rona; athe yena ha a ka a etsa letho le sa lokang.”


Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.”


Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”


A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,


Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,


Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”


Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.


“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Ha ho le jwalo, bana beso ba halalelang, bao re nang le kabelo mmoho le lona pitsong ya lehodimo, tadimang moromuwa le Moprista e Moholo, Jesu, eo re mmolelang tumelong ya rona.


Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone?


Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


empa ke ka madi a bohlokwa, a kang a konyana e se nang sekodi, leha e le letheba, e leng a Kreste.


Ha a a ka a etsa sebe, le thetso ha e a ka ya tswa molomong wa hae.


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe.


“Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re: “Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang, ya nang le nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ha a butse, ha ho ya tla kwala, ha a kwetse, ha ho ya tla bula;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ