Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:19 - BIBELE

19 Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 tshepo eo re nang le yona e le ankora ya moya, e tiileng, e tiileng, e kenang ka hare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Tshepo eo re nang le yona e le ankora ya moya, e tiileng, e tiileng, e kenang ka hare ho lesira;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:19
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.”


Ke robehile ditho ke ho tlakwa ke dira tsa ka, ha kamehla di ntse di re ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Moya wa ka o a qhashoha, o qhashoha ha ke hopola tsena: Ke ne ke tsamaya mokolokong, ke o eteletse pele, ho ya tlung ya Modimo hara mehoo ya thabo le ya teboho, ha matshwele a eya moketeng.


Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’


“Jwale a hlabe podi ya nyehelo e tlosang sebe, eo e leng ya setjhaba, a tlise madi a yona kamora lesira. Ka madi a yona a etse jwalokaha a ile a etsa ka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, le kapele ho sona.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.


Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi.


Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Ka ho tshaba ho thulana le mafika, ba akgela dingaparela tse nne, tse tswang ka setonong sa sekepe, ba lakatsa eka bosiu bo ka sa.


Ba kgaola dingaparela, ba di tlohela lewatleng, mme ka yona nako eo ba lokolla le mehala ya masokwana a sekepe. Ba nto phahamisa seile e kapele hore e kge moya, ba lebisa sekepe lebopong.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo,


Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong.


Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.


Erekaha le tsositswe bafung le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng ka letsohong le letona la Modimo.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.


Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


Empa karolong ya bobedi ya Tente ho kena Moprista e Moholo feela, le teng hanngwe ka selemo. O kena a nkile madi ao a nyehelang ka wona ho Modimo ka baka la dibe tsa hae le tsa batho, tseo ba di entseng ka ho hloka tsebo.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ