Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:24 - BIBELE

24 Dumedisang batsamaisi bohle ba lona le badumedi bohle. Ba Italia ba a le dumedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ntumedisetseng bohle ba le busang, le bahalaledi bohle. Ba Italy baa le lumelisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ntumedisetseng bohle ba le busang, le bahalaledi bohle. Ba Italy baa le lumelisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:24
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Teng a fumana Mojuda e mong ya bitswang Akulase, ya tswaletsweng Ponto, ya neng a sa tswa fihla, a etswa Italia le mosadi wa hae Prisilla, hobane Tlelaudiose o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma. Paulosi a ya ho bona,


Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.


Ananiase a araba, a re: “Morena, ke utlwile ka ba bangata kamoo monna eo a entseng tse ngata, tse mpe, ho badumedi ba hao ba Jerusalema,


Ikokobeletseng ba jwalo, esita le bohle ba sebetsang, ba fufulelwang mmoho le bona.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:


Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.


Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:


Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare.


re dumedisa badumedi ba Kolose, bana babo rona ba tshepahalang ho Kreste, re re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona di ke di be le lona.


hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ