Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 13:14 - BIBELE

14 Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 13:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.


Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.


Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.


Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa.


Modimo ha a a bea lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, taolong ya mangeloi.


Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,


Jwale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo wa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho yona e kgolo, mme e phethehile ho feta ya pele. Ha e a etswa ke motho, e leng ho re hase ya lefatshe lena.


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


“Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ