Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 11:25 - BIBELE

25 a mpa a ikgethela ho hlekefetswa le setjhaba sa Modimo, ho ena le ho ithabisa ka sebe ka nakwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 a mpa a ikgethela ho tshwenngwa le setjhaba sa Modimo, e seng ho thabela menate ya dibe e felang kapele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 a ikhethela ho hlorisoa hammoho le sechaba sa Molimo, ho e-na le ho thabela menate ea libe ka nakoana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 a ikhethela ho hlorisoa hammoho le sechaba sa Molimo, ho e-na le ho thabela menate ea libe ka nakoana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 11:25
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.


Modimo o rena hodima ditjhaba, Modimo o dutse teroneng, teroneng ya hae e halalelang.


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.


Empa haeba ho ke ke ha eba jwalo, ako tsebe, wena kgosi, hore re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, kapa ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”


empa ha a na metso ka ho yena, ke motho ya mamellang ka nakwana, mme ha ho hlaha matshwenyeho kapa ditlhoriso ka baka la Lentswe la Modimo, o phakisa ho kweneha.


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello,


Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Ka hona se be dihlong ho paka Morena wa rona, kapa nna ke leng motshwaruwa ka baka la hae. Empa o mamelle le nna mahloko a bakwang ke molaetsa o molemo, ka matla a Modimo,


Hopolang ditshiu tse fetileng, tseo eitseng hoba le qale ho bona lesedi ka tsona, le ileng la tiisetsa ntweng e boima, e bohloko.


Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.


Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo,


hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo.


Le phetse menateng le menyakeng mona lefatsheng, la inontshetsa letsatsi leo ka lona le tla hlajwa jwaloka dinku.


Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ