Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:35 - BIBELE

35 Jwale le se ke la lahlehelwa ke tshepo eo ya lona, e nang le moputso o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Ka hona le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Ka hona le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:35
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Di kgahleha ho feta kgauta, ho feta le kgauta e hlwekisitsweng haholo; di monate ho feta mahe a dinotshi, mahe a rothang kgekgeng ya tsona.


“Mang le mang ya mpakang pela batho, le nna ke tla mo paka pela Ntate ya mahodimong,


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”


mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Ke ka Kreste, le ka ho dumela ho yena, re nang le sebete sa ho atamela ho Modimo ka tshepo.


Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu.


A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso.


Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.


Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,


empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.


Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ