Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:25 - BIBELE

25 Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Re se ke ra tlohela ho phutheha ha rona, jwalokaha e le mokgwa wa ba bang; empa re kgothatsana, mme haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Re se ke ra tlohela ho phutheha ha rona, jwalokaha e le mokgwa wa ba bang; empa re kgothatsana, mme haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:25
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”


hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”


Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo,


Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.


Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.


ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.


Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena,


Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?


Ya porofetang o bua le batho, o a ba matlafatsa, o a ba kgothatsa, o a ba tshedisa.


mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.


ka lebitso la Morena Jesu. Mohla le phuthehang, mme le nna ke le teng ka moya, re ena le matla a Morena wa rona Jesu,


Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.


Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


hobane kamora nakwana: “Ya tshwanetseng ho tla o tla tla, a ke ke a dieha.


Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.


Le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: “Kajeno”, e le hore ho se be le ya mong ya ithatafatsang ka ho thetswa ke sebe.


Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi.


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,


Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.


Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.


Batho bana ba baka dikarohano; ke ba lefatshe, ba se nang Moya wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ