Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:15 - BIBELE

15 Le Moya o Halalelang o a re pakela, hobane o qadile ka ho re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke seo Moya o Halalelang le wona o re pakelang sona; hobane ha o se o boletse ka ho re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Moya o Halalelang le wona ke paki ho rona, hobane o boletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Moya o Halalelang le wona ke paki ho rona, hobane o boletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:15
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Moya wa Morena o buile ka ho nna, lentswe la hae la ba lelemeng la ka.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Johanne o mo pakile, mme a howa, a re: “Enwa ke yena, eo ke neng ke mmolela, ha ke re: ‘Ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho nna.’ ”


“Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,


Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,


Ka hona Moya o Halalelang o bontsha hore tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e eso bulwe, ha karolo ya pele ya Tente e sa ntsane e le teng.


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ