Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 10:14 - BIBELE

14 Ka ho inyehela hanngwe feela o ile a etsa hore bao a ba halaleditseng ba phethehe ka mehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane ka sehlabelo se le seng o phethisitse ka ho sa feleng bao a ba halaleditseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Hobane ka sehlabelo se le seng o entse hore ba halaletswang ba phethehe ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hobane ka sehlabelo se le seng o entse hore ba halaletswang ba phethehe ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 10:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale ke le bea matsohong a Modimo le mohaung wa lentswe la hae le ka le hodisang, la le nea lefa hara bohle ba halaleditsweng.


Jwale, kgosi, hara mpa ya motsheare, ha ke le tseleng, ka bona kganya e fetang ya letsatsi e tswang lehodimong; ya nteela hare le bao ke neng ke tsamaya le bona.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:


O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe,


Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.


Ke ka thato eo re halaleditsweng ka nyehelo ya mmele wa Jesu Kreste, e entsweng hanngwe feela.


Empa Kreste, hoba a nyehele hanngwe ka sehlabelo ka baka la dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Modimo, ka mehla yohle;


Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae.


Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo,


hobane ha ho letho leo Molao oo o neng o ka etsa hore le phethehe. Empa ka nqe nngwe ho ile ha tliswa tshepo e fetisang ka molemo, eo re ka atamelang pela Modimo ka yona.


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Ke tse amanang le dijo, le dino, le ho itlhatswa ha mefutafuta, e leng meetlo ya botho feela, e neng e tla sebetsa ho fihlela Modimo a lokisa dintho botjha.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ