Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 6:15 - BIBELE

15 Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho, empa e le sebopuwa se setjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 6:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?


Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng,


Ka kolobetso re epetswe le yena, ra ba le kabelo lefung la hae, e le hore, jwalokaha Kreste a tsohile bafung ka matla a tlotlehang a Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tle re phele bophelo bo botjha.


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.


Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


O fedisitse melawana le ditaelo tsa Molao wa Moshe. O bopile kgotso ka ho kopanya Mojuda le moditjhaba, a ba etsa motho e motjha ho yena.


mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Batho bohle ba neng ba tswe Egepeta ba ne ba bolotse, empa batho bohle ba ileng ba tswallwa lehwatateng, ha ba le tseleng, ba etswa Egepeta, e ne e le maqai.


Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ