Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:20 - BIBELE

20 tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ke ho rapela medimo ya bohata, le boloi, ke hloyano, le dikomang, ke mona, le bohale, le dikgang, le diphapang, le dikgaohano;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Borapedi ba medimo ya bohata, le boloi, le hloyo, le diphapang, le meharo, le kgalefo, le diphapang, le meferefere, le dikgelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Borapedi ba medimo ya bohata, le boloi, le hloyo, le diphapang, le meharo, le kgalefo, le diphapang, le meferefere, le dikgelo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


“Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera.


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.


Lona le bohlale, empa le mamella dithoto ka thabo,


Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere.


Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana.


Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,


Ya bakang dikarohano o mo kgalemele hanngwe kapa habedi, ebe o kgaohana le yena.


Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Ho fetohela Morena ke sebe se kang boloi, manganga ke sebe se kang ho rapela medimo esele. Kahobane o furaletse taelo ya Morena, le yena o o furaletse hore o se be kgosi!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ