Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:16 - BIBELE

16 Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la kgodisa ditakatso tsa nama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Jwale ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la phethahatsa ditakatso tsa nama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Jwale ke re: Tsamayang ka Moya, mme le se ke la phethahatsa ditakatso tsa nama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:16
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”


Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho.


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.


Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.


Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.


Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.


Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Ke kahoo le bona bafu ba ileng ba phatlalletswa molaetsa o molemo, e le hore, leha ka nqeng ya botho ba se ba ahlotswe jwaloka batho bohle, ka nqeng ya moya ba tle ba phelele Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ