Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 5:11 - BIBELE

11 Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme nna, banabeso, hoja ke sa bolela lebollo, ekaba ke sa hlorisetswang? Athe kgopiso ya sefapano e ka be e tlohile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 5:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba.


Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike.


Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,


ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba.


Rona ke ka baka lang re leng kotsing ka nako tsohle?


Esita le yena Tite wa Mogerike, ya neng a ena le nna, ha a ka a qobellwa ho bolla.


Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste?


Empa jwalokaha mehleng eo mora ya tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.


Bohle ba ratang ho kgahleha ho tsa botho, ke bona ba le qobellang hore le bolle, e le hore ba tle ba pheme ho hlorisetswa sefapano sa Kreste.


Ho tloha jwale ho se be ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le mehwabadi e bontshang hore ke wa Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ