Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 4:18 - BIBELE

18 Ke hantle ho thahasellwa ka sepheo se setle kamehla, e seng feela ha ke le teng hara lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke ntho e ntle ho tjhesehela botle kamehla, e seng mohla ke leng teng ho lona feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Empa ho hotle ho tjhesehela ho hotle kamehla, e seng ha ke le ho lona feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Empa ho hotle ho tjhesehela ho hotle kamehla, e seng ha ke le ho lona feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 4:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao.


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.


Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo.


Ba bang ba a le thahasella, empa e seng ka mokgwa o motle; ba mpa ba rata ho le arohanya le nna, hore le tle le thahaselle bona.


Ke ne nka rata ho ba le lona hona jwale, e le hore ke tle ke tsepamise puo ya ka, hobane taba ya lona e nkemisitse hlooho.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ