Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 3:22 - BIBELE

22 Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Empa Lengolo le hlahletse tsohle ditlamong tsa sebe, e le hore pallo e tswang tumelong ya Jesu Kreste e tle e newe ba dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa Lengolo le hlahletse tsohle ditlamong tsa sebe, e le hore pallo e tswang tumelong ya Jesu Kreste e tle e newe ba dumelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 3:22
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa qosa mohlanka wa hao, hobane ho wena ha ho ya lokileng.


Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.


Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing.


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”


“Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong.


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”


Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.


Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.


Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.


Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.


Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.


Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo.


Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.


Pele tumelo e eba teng, re ne re le matleng a Molao wa Moshe, re le ditlamong tsa wona, ho fihlela re ba re senolelwa tumelo.


Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso.


Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ho ya ka tshepiso ya bophelo bo ho Kreste Jesu,


Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.


Ka tsena o re neile dintho tsa bohlokwa, tse kgolo, tseo a neng a re tshepisitse tsona, e le hore ka tsona le tle le be le kabelo bomodimong ba hae, mme le phonyohe bokgopong bo teng lefatsheng, bo bakwang ke ditakatso tse mpe.


Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.


Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ