Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 3:17 - BIBELE

17 Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Mme ke re: Selekane se tiisitsweng pele ke Modimo ke Kreste, molao o bileng teng kamorao ho dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa e fedisa, hore o tle o fedise pallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mme ke re: Selekane se tiisitsweng pele ke Modimo ke Kreste, molao o bileng teng kamorao ho dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa e fedisa, hore o tle o fedise pallo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 3:17
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Modimo a re: “Ruri, Sara mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaka. Ke tla etsa selekane sa rona le yena e le selekane sa mehla yohle, sa hae le sa ditloholo tsa hae.


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka,


Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.


Morena wa mabotho o sa rerile; ebe ke mang ya ka thibelang? Letsoho la hae le se le phahame; ke mang ya ka le kgutlisang?


Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.


Modimo hase motho hoo a ka buang leshano, hase mora wa motho hoo a ka inyatsang. Na seo a se bolelang a ke ke a se etsa? Na seo a se buileng a ke ke a se phetha?


Empa mohla letsatsi leo monna wa hae a utlwang ka lona, mme eba o a mo hanela, e tla ba kano eo e nyopile, le boitlamo boo a bo entseng a ne a sa imamela bo nyopile, mme Morena o tla mo tshwarela.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Modimo a bua tjena, a re: ‘Ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba, mme di tla etswa makgoba, di sotlwe ka dilemo tse makgolo a mane.


Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng,


Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo?


Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”


Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.


Ebe ke bolelang? Hore seo bahedene ba se hlabelang medimo ya bohata ke letho? Kapa hore modimo wa bohata ke letho?


Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala;


Ke yena eo e leng “e” ditshepisong tsohle tsa Modimo. Ke ka baka leo e ntseng e le ka yena re reng “a ho be jwalo!” ha re tlotlisa Modimo.


Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.


Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.


Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.


Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.


Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.


Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.


Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.


Ke le bolella tsena e le hore ho se be ya ka le kgelosang ka dipuo tse hapang.


Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.


Ka nqe nngwe Molao wa pele o ile wa fediswa ka baka la ho fokola le ho hloka thuso ha wona,


O ne a kgethwe ke Modimo lefatshe le eso thewe, feela a bonahatswa dinakong tsena tsa bofelo ka baka la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ