Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 3:16 - BIBELE

16 Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Joale litšepiso li entsoe ho Abrahama le peō ea hae. Ha o re: Le ho dipeo, jwaloka hoja ho bolelwa tse ngata; empa jwalokaha ho thwe, ho leloko la hao, e leng Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Joale litšepiso li entsoe ho Abrahama le peō ea hae. Ha o re: Le ho dipeo, jwaloka hoja ho bolelwa tse ngata; empa jwalokaha ho thwe, ho leloko la hao, e leng Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 3:16
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.


Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama.


a hauhela Aborahama le ditloholo tsa hae kamehla yohle, jwalokaha a buile ho bo-ntata rona.”


Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: ‘Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.’


ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.


Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.


Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,


Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.


Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.


Lona le mmele wa Kreste. E mong le e mong wa lona ke setho sa wona.


Na ke Baheberu? Le nna ke yena. Na ke Baiseraele? Le nna ke yena. Na ke ditloholo tsa Aborahama? Le nna ke sona.


Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.


Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.”


Polelo ena ke sephiri se seholo, mme nna ke re e lekanya Kreste le kereke.


Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ