Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:7 - BIBELE

7 Empa ba bone hore ke tshepetswe ho isa molaetsa o molemo ho baditjhaba, jwalokaha le Petrose a ne a tshepetswe ho o isa ho Bajuda,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Tjhe, empa yare ha ba bona hoba ke abetswe ho bolella ba sa bollang Evangeli, jwalokaha Petrose a abetswe ba bolotseng —

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Hape, eitse ha ba bona hoba ke behilwe Evangeli ya ba ba sa bollang, jwalokaha Petrose a ne a e etseditse ba lebollo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hape, eitse ha ba bona hoba ke behilwe Evangeli ya ba ba sa bollang, jwalokaha Petrose a ne a e etseditse ba lebollo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:7
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale phutheho yohle ya kgutsa, mme ya mamela Baranabase le Paulosi ha ba bolela mehlolo le dimakatso tsohle tseo Modimo a ileng a di etsa ka bona hara baditjhaba.


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


“Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.”


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,


Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng.


ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho.


Kamora mona, hoba ho fete dilemo tse tharo, ka nyolohela Jerusalema ho ya tsebana le Kefase. Ka hlola le yena matsatsi a leshome le metso e mehlano,


Ke makatswa ke ha le phakisa ho furalla ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, mme le ineela molaetseng osele.


Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.


Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?”


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.


empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.


Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.


Modimo o nkgethetse ho ba sebohodi, le moapostola, le moruti wa molaetsa o molemo oo.


Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ