Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:6 - BIBELE

6 Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele ba lekanngwang hoba ke bao e leng dihlooho — leha e kile ya eba ba jwang le ba jwang mohla monene, ho nna hase letho, etswe Modimo o sa ye ka tshobotsi ya motho — ke re, ba lekanngwang hoba ke ba baholo, ha ba ka ba nkekeletsa ka letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Empa ho ba neng ba bonahala eka ke ka mokgwa o itseng (hore na ba ne ba le ba jwang, ha ho letho ho nna, hobane Modimo ha o kgethe sebopeho sa motho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Empa ho ba neng ba bonahala eka ke ka mokgwa o itseng (hore na ba ne ba le ba jwang, ha ho letho ho nna, hobane Modimo ha o kgethe sebopeho sa motho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”


Tsa mmotsa, tsa re: “Moruti, re a tseba hore seo o se buang le seo o se rutang se nepahetse. Ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete.


Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,


Pele ho matsatsi ana ho ile ha hlaha Theudase ya neng a re yena ke mangmang. Palo ya banna ba mo latelang e ne e ka ba makgolo a mane. A bolawa, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana, ba fetoha lefeela.


Empa ha ke kgolwe hore baapostolahadi bao ba mpheta ka letho.


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


Haeba le rapela Modimo e le Ntata lona, yena ya ahlolang motho ka mong ka ho ya ka mesebetsi ya hae, a sa ye ka tshobotsi, eka kgona le phele ka tshabo nakong ya bojaki ba lona mona lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ