Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 2:5 - BIBELE

5 Empa le ka motsotswana feela ha ke a ka ka ba mamela, e le hore le bolokelwe nnete ya molaetsa o molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa ha re a ka ra ba suthela sebaka, leha e le ho ba dumella le ka nakwana e le nngwe, nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona e tiile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 bao re ileng ra ba nea ka kutlo, tjhe, leha e le ka hora e le nngwe feela; hore nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Bao re ileng ra ba nea ka kutlo, tjhe, leha e le ka hora e le nngwe feela; hore nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 2:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.


Hoba Paulosi le Baranabase ba be le phapang le kgang e kgolo le bona, ha rerwa hore Paulosi le Baranabase le ba bang ba bona ba nyolohele Jerusalema ho baapostola le baholo ka taba ena.


Ke makatswa ke ha le phakisa ho furalla ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, mme le ineela molaetseng osele.


Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?”


Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete?


Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.


ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo


Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.


Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ