Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 1:21 - BIBELE

21 Yaba ke ya dinaheng tsa Siria le Silesia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Kamora tseo, ka fihla naheng ya Siria le ya Silisia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Kamora tseo, ka fihla naheng ya Siria le ya Silisia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 1:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Kerekeng ya Antiokia ho ne ho ena le baporofeta le baruti, e leng Baranabase le Simeone, ya neng a bitswa Botsho, le Losaniase wa Sirene, le Manaene, ya hodisitsweng le kgosi Heroda, le Saule.


Ba ba neeletsa lengolo le reng: “Baapostola le baholo, e leng bana babo lona, ba dumedisa badumedi ba leng Antiokia le Siria le Silesia, ba tswang ho baditjhaba.


A feta le Siria le Silesia, a ntse a matlafatsa dikereke.


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Yare hoba re hlahele Sipera, mme re e nee letsoho le letshehadi, ra tshelela Siria ka sekepe, ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tshwanetse ho laolla thoto teng.


Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”


“Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia, empa ke hodiseditswe motseng ona, ke le morutwana wa Gamaleele, ka rutwa ka nepisiso Molao wa bo-ntata rona, ka tjhesehella Modimo jwaloka lona bohle, kajeno.


Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re:


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ