Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Bagalata 1:13 - BIBELE

13 Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Bagalata 1:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Yare hoba Saule a fihle Jerusalema, a leka ho ikopanya le barutuwa, empa bohle ba ne ba mo tshaba, ba sa dumele hore ke morutuwa.


Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo,


Ho baapostola ke nna e monyenyane, ho bile ho a roneha hore ke bitswe moapostola, hobane ke ile ka hlorisa kereke ya Modimo.


ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ