Baahlodi 9:57 - BIBELE57 Modimo a otla banna ba Shekeme ka baka la bokgopo bohle ba bona. Thohako ya Jotame, mora wa Jerubaale, ya ba wela hodimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)57 Modimo wa busetsa le dihloohong tsa banna ba Sikeme bobe bohle boo ba bo entseng. Thohako ya Jothame, mora Jerubbaale, ya ba hlahela jwalo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mehleng eo ya Akabe, Hiele wa Bethele o ile a tsosa motse wa Jeriko. Ha a rala metheo ya marako a motse, a shwelwa ke Abirame, mora wa hae wa matsibolo; ha a haha menyako a shwelwa ke Segube, mora wa hae wa lethopo, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka molomo wa Joshua, mora wa Nune.
Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.