Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:56 - BIBELE

56 Ka mokgwa o jwalo Morena a phetetsa bokgopo ba Abimeleke, boo a ileng a bo etsetsa ntatae, ka ho bolaya bana babo ba mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Modimo wa busetsa jwalo ho Abimeleke bobe boo a bo entseng ho ntatae, ha a ne a bolaile banababo ba mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:56
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.


“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo?


Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,


O tla ba buseletsa bokgopo ba bona, a ba timetse ka baka la bobe ba bona. Morena Modimo wa rona, o tla ba timetsa.


Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.


e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.


Ha banna ba Baiseraele ba bona hore Abimeleke o shwele, ba tsamaya, monna ka mong a ikela lapeng ha hae.


Modimo a otla banna ba Shekeme ka baka la bokgopo bohle ba bona. Thohako ya Jotame, mora wa Jerubaale, ya ba wela hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ