Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:54 - BIBELE

54 Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: ‘O bolailwe ke mosadi.’ ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:54
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”


Ha a hetla a mpona, yaba o a mpitsa, mme nna ka re: ‘Ke nna enwa!’


“Yena a re ho nna: ‘Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.’


le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Beerote, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya,


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, a shwa.


le Seleke wa Moamone, le Naharai wa Berota, mojari wa dihlomo tsa Joabe, mora wa Seruya,


Debora a re: “Ruri ke tla tsamaya le wena, empa leeto leo o le nkang ha le na ho o tlisetsa tlotla, hobane Morena o tla neelana ka Sisera matsohong a mosadi.” Yaba Debora o a ema, o tsamaya le Barake ho ya Kedeshe.


Ha banna ba Baiseraele ba bona hore Abimeleke o shwele, ba tsamaya, monna ka mong a ikela lapeng ha hae.


Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”


Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela.


Ena e bile polao ya pele e ileng ya etswa ke Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Ba bolaya banna ba ka bang mashome a mabedi, ba le sebakaneng se bonamo ba halofo ya akere.


Saule a re ho batho bao a neng a ena le bona: “Balang bahlabani, le bone hore na ba siyo ho rona ke bo-mang.” Ba ba bala, mme ba fumana ba siyo e le Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae.


Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.”


Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule.


Ka lona letsatsi leo Saule a shwa, le bara ba hae ba bararo, le mojari wa dihlomo tsa hae, le banna bohle ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ